
Lebitso laka ke Mots’elisi Relebohile Maphathe.Ke moithuti sekolong sa koetliso ea matichere (Lesotho College of Education Thaba- Tseka).
Nakong ea ho ithuta ka marang-rang ke ile ka etsetsa sekolo se phahameng sa Ntaote lithusa-thuto tsa thuto ea lipalo kamora hore ke etsetse sekolo se phahameng sa Motsekuoa.Nakong eo ke koalleseng semesetara sa bobeli ke ile ka etsa sethusa-thuto se sebelisoang ho ithuta mefuta ea lipalo.Sona ke se bone sehlopheng sa Facebook sa Basotho maths club.

Re thehile tlelabo moo re ithutang thuto ea lipalo re sebelisa lithusa-thuto le bana ba kenang sekolong se phahameng sa Ntaote.Re kopana ha ‘ngoe bekeng ka letsatsi leo ba sa eang sekolong ka lona. Ba etsa sehlopha sa borobong monongoaha,ke bile le bona ngoahola nakong eo ke neng ke ikoetlisetsa ho ruta ha ba ne ba etsa sehlopha sa borobeli.
Bana ba bile le thahasello tlelabong ena hobane re ile ra ba sehlopheng sa bona le ntate Shon (Mr Sion Watkins) nakong ea likhoeli tse peli eaba seoa se seholo sa corona sea re arohanya le ntate Shon. Sepheo sa tlelabo ke ho nts’etsa pele morero oa ho ithuta thuto ea lipalo ka mekhoa e bonolo, re ithuta ka ho ts’oara, ho bona, ho etsa ho feta ho mamela le ho bala feela.
‘Me mekhoa ena re ne re e bona ha e sebelisoa ke ntate Shon nakong eo a re chaketseng ka sehlopheng sa rona sekolong se phahameng sa Ntaote.Joale kahobane o re sietse lithusa-thuto, re bone ho le molemo hore re ‘ne re ithute ka tsona li se ke tsa lula feela. Re motlotlo ka ntate Shon hobane o ntse a re ts’ehelitse leha a le sieo koano Lesotho koano.Re ntse re qoqa le eena ka marang-rang (What’s app le Facebook).
Moithuti mmoho le nna Mpho Lehana o ile a khahloa ke mosebetsi oona oa ho etsa lithusa thuto mme le eena nakong ea phomolo ea semesetara sa bobeli o ile a etsa lithusa-thuto tsa thuto ea lipalo. Ke letsoalloa la Thaba-Tseka, o koetlisong ea ho ea ruta likolong tsa mathomo eleng hona moo lithusa-thuto tsena li sebelisoang teng haholo.Morero oa rona ke hore re tlo chakela likolong tse phahameng le tsa mathomo re anetse thuto ea ho ruta barutoana ka lithusa-thuto. Isao Tlhakubele re tla be re phethela selemo sa rona sa lithuto sa ho qetela sekolong sa koetliso ea matichere mme morero oa rona o tlo tsoelapele ka nako eo.



